1. Jesu a boela a qala ho ruta a le pela letsha. Letshwelehadi la mmokanela hoo a bileng a kena ka sekepeng se letsheng, a dula teng, letshwele lohle le le lebopong la letsha.
2. A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae a re ho bona:
3. “Mamelang! Mojadi o ile a tswa ho ya jala.
4. Yare ha a ntse a jala, peo e nngwe ya wela ka tseleng, mme dinonyana tsa tla, tsa e ja.
5. E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata; ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba.
6. Yare ha letsatsi le tjhaba la e tjhesa, ya omella, hobane metso e ne e sa teba.