Mareka 3:8-20 BIBELE (SSO89SO)

8. le le tswang Jerusalema, le Idumea, le mose ho Jorodane, le dibakeng tsa Tire le Sidone, ha le utlwa tsohle tseo a di etsang, la tla ho yena.

9. Ka baka la letshwele a laela barutuwa ba hae hore sekepe se be haufi le yena, esere mohlomong la mo petetsa,

10. hobane o ne a fodisitse ba bangata hoo bohle ba nang le mafu ba ileng ba mo kgobokanela hore ba mo ame.

11. Le meya e ditshila ha e mmona e ne e itihela kapele ho yena, e howe haholo, e re: “O Mora wa Modimo!”

12. Empa a e laya ka thata hore e se ke ya etsa hore a tsejwe.

13. Jesu a nyolohela thabeng, a bitsa bao a ba batlang, mme ba tla ho yena.

14. A hlomamisa ba leshome le metso e mmedi bao a ileng a ba bitsa baapostola hore ba be le yena, a tle a ba rome ho ruta,

15. mme ba be le matla a ho leleka bademona.

16. A hlomamisa ba leshome le metso e mmedi, e leng: Simone eo a ileng a mo rea lebitso la Petrose,

17. le Jakobo mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo Jakobo, bao a ileng a ba rea lebitso la Boaneregese, e leng ho re: Bara ba Letolo,

18. le Andrease, le Filipi, le Baretholome, le Matheu, le Thomase, le Jakobo, mora wa Alefiose, le Thadaose, le Simone Motjhesehi,

19. le Judase Isekariota, ya bileng a eka Jesu.

20. Jesu a kena ka tlung, mme letshwele la boela la ba bokanela hoo ba bileng ba sitwa le ho ja.

Mareka 3