Mareka 3:6-11 BIBELE (SSO89SO)

6. Bafarisi ba tswa, mme hanghang ba rera le balatedi ba Heroda kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.

7. Jesu a ya letsheng le barutuwa ba hae, mme letshwelehadi le tswang Galelea le Judea la mo latela;

8. le le tswang Jerusalema, le Idumea, le mose ho Jorodane, le dibakeng tsa Tire le Sidone, ha le utlwa tsohle tseo a di etsang, la tla ho yena.

9. Ka baka la letshwele a laela barutuwa ba hae hore sekepe se be haufi le yena, esere mohlomong la mo petetsa,

10. hobane o ne a fodisitse ba bangata hoo bohle ba nang le mafu ba ileng ba mo kgobokanela hore ba mo ame.

11. Le meya e ditshila ha e mmona e ne e itihela kapele ho yena, e howe haholo, e re: “O Mora wa Modimo!”

Mareka 3