Mareka 3:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.

6. Bafarisi ba tswa, mme hanghang ba rera le balatedi ba Heroda kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.

7. Jesu a ya letsheng le barutuwa ba hae, mme letshwelehadi le tswang Galelea le Judea la mo latela;

8. le le tswang Jerusalema, le Idumea, le mose ho Jorodane, le dibakeng tsa Tire le Sidone, ha le utlwa tsohle tseo a di etsang, la tla ho yena.

9. Ka baka la letshwele a laela barutuwa ba hae hore sekepe se be haufi le yena, esere mohlomong la mo petetsa,

10. hobane o ne a fodisitse ba bangata hoo bohle ba nang le mafu ba ileng ba mo kgobokanela hore ba mo ame.

Mareka 3