Mareka 3:3-13 BIBELE (SSO89SO)

3. A re ho motho ya shweleng letsoho: “Tloo, o eme mona!”

4. Yaba o re ho bona: “Na ho a dumelleha ho etsa botle kapa bobe ka Sabatha, ho pholosa motho kapa ho mmolaya?” Empa ba kgutsa.

5. A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.

6. Bafarisi ba tswa, mme hanghang ba rera le balatedi ba Heroda kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.

7. Jesu a ya letsheng le barutuwa ba hae, mme letshwelehadi le tswang Galelea le Judea la mo latela;

8. le le tswang Jerusalema, le Idumea, le mose ho Jorodane, le dibakeng tsa Tire le Sidone, ha le utlwa tsohle tseo a di etsang, la tla ho yena.

9. Ka baka la letshwele a laela barutuwa ba hae hore sekepe se be haufi le yena, esere mohlomong la mo petetsa,

10. hobane o ne a fodisitse ba bangata hoo bohle ba nang le mafu ba ileng ba mo kgobokanela hore ba mo ame.

11. Le meya e ditshila ha e mmona e ne e itihela kapele ho yena, e howe haholo, e re: “O Mora wa Modimo!”

12. Empa a e laya ka thata hore e se ke ya etsa hore a tsejwe.

13. Jesu a nyolohela thabeng, a bitsa bao a ba batlang, mme ba tla ho yena.

Mareka 3