22. Ditsebi tsa Molao tse neng di etswa Jerusalema, tsa re: “O na le Beele-Sebule, mme o leleka bademona ka matla a morena wa bademona!”
23. Yaba o ba bitsetsa ho yena, mme a re ho bona ka ditshwantsho: “Satane a ka leleka Satane jwang?
24. Haeba mmuso o ikarola ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya.
25. Haeba lelapa le ikarola ho itwantsha, lelapa leo le ke ke la tiya.
26. Haeba Satane a itsohela matla ho itwantsha, mme a ikarotse, a ke ke a tiya, mme hoo ke ho fela ha hae.
27. “Empa ha ho motho ya ka kenang ka tlung ya seqhobane a hapa thepa ya sona, haeba a sa tlama seqhobane seo pele, e be hona a hapang thepa yohle ya ntlo.
28. “Kannete ke le bolella hore bana ba batho ba tla tshwarelwa dibe tsohle le dinyefolo tsohle tseo ba di buang,