Mareka 3:16-26 BIBELE (SSO89SO)

16. A hlomamisa ba leshome le metso e mmedi, e leng: Simone eo a ileng a mo rea lebitso la Petrose,

17. le Jakobo mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo Jakobo, bao a ileng a ba rea lebitso la Boaneregese, e leng ho re: Bara ba Letolo,

18. le Andrease, le Filipi, le Baretholome, le Matheu, le Thomase, le Jakobo, mora wa Alefiose, le Thadaose, le Simone Motjhesehi,

19. le Judase Isekariota, ya bileng a eka Jesu.

20. Jesu a kena ka tlung, mme letshwele la boela la ba bokanela hoo ba bileng ba sitwa le ho ja.

21. Ha ba habo ba utlwa hona, ba ya ho ya mo tshwara, hobane ba ne ba re ha a sa nka hantle.

22. Ditsebi tsa Molao tse neng di etswa Jerusalema, tsa re: “O na le Beele-Sebule, mme o leleka bademona ka matla a morena wa bademona!”

23. Yaba o ba bitsetsa ho yena, mme a re ho bona ka ditshwantsho: “Satane a ka leleka Satane jwang?

24. Haeba mmuso o ikarola ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya.

25. Haeba lelapa le ikarola ho itwantsha, lelapa leo le ke ke la tiya.

26. Haeba Satane a itsohela matla ho itwantsha, mme a ikarotse, a ke ke a tiya, mme hoo ke ho fela ha hae.

Mareka 3