Mareka 16:16-20 BIBELE (SSO89SO)

16. Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.

17. Dipontsho tse tla felehetsa ba dumetseng ke tsena he: Ba tla leleka bademona ka lebitso la ka, ba bue dipuo tse ntjha,

18. ba tshware dinoha ka matsoho, mme leha ba ka nwa tjhefo efe kapa efe, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea bakudi matsoho, mme ba tla fola.”

19. Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.

20. Ha e le bona ba tsamaya, ba ruta kahohle, Morena a ntse a sebedisana le bona, a tiisa lentswe ka dipontsho tse le felehetsang.

Mareka 16