Mareka 16:11-20 BIBELE (SSO89SO)

11. Empa ha ba utlwa hore o a phela, mme o bonwe ke Maria, ba se ke ba dumela.

12. Kamora moo, Jesu a iponahatsa ka sebopeho sesele ho ba babedi ba bona, ba neng ba tsamaya naheng.

13. Bao ba ya bolella ba bang, empa le bona ba se ke ba ba ba ba dumela.

14. Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.

15. A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.

16. Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.

17. Dipontsho tse tla felehetsa ba dumetseng ke tsena he: Ba tla leleka bademona ka lebitso la ka, ba bue dipuo tse ntjha,

18. ba tshware dinoha ka matsoho, mme leha ba ka nwa tjhefo efe kapa efe, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea bakudi matsoho, mme ba tla fola.”

19. Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.

20. Ha e le bona ba tsamaya, ba ruta kahohle, Morena a ntse a sebedisana le bona, a tiisa lentswe ka dipontsho tse le felehetsang.

Mareka 16