5. Empa Jesu a se ke a hlola a araba letho, hoo Pilato a bileng a makala.
6. Ka mokete Pilato o ne a tlwaetse ho ba lokollela motlamuwa e mong, eo ba mo kopang.
7. Jwale ho ne ho le teng ya bitswang Barabase, ya neng a tshwerwe mmoho le ba neng ba fetohetse mmuso, ba bile ba bolaile motho nakong ya moferefere oo.
8. Letshwele la nyolohela ha Pilato, mme la qala ho kopa ho etsetswa jwalokaha a ne a ye a le etsetse.
9. Pilato a araba, a re: “Na le rata ha ke le lokollela kgosi ya Bajuda?”
10. O ne a tseba hore baprista ba baholo ba neelane ka Jesu ka baka la mona.
11. Empa baprista ba baholo ba susumetsa letshwele ho kopa hore a mpe a ba lokollele Barabase.
12. Pilato a boela a re ho bona: “Jwale ke etse jwang ka eo le mmitsang kgosi ya Bajuda?”
13. Empa bona ba boela ba howa, ba re: “Mo thakgise!”
14. Pilato a re ho bona: “Empa o entse bobe bofe?”Ba eketsa ho howa, ba re: “Mo thakgise!”
15. Pilato, ka ho lakatsa ho kgotsofatsa letshwele, a ba lokollela Barabase, mme hoba a laele hore Jesu a shapuwe, a neelana ka yena hore a thakgiswe.
16. Yaba bahlabani ba isa Jesu kahare, lebaleng la ntlo ya bobusisi, mme ba bitsa lebotho lohle.