43. ha tla Josefa wa Arimathea, setho se hlomphehang sa lekgotla, eo le yena a neng a lebeletse Mmuso wa Modimo, a beta pelo, a kena ha Pilato, a kopa setopo sa Jesu.
44. Pilato a makala ha a utlwa hore o se a shwele, a ba a bitsa molaodi wa ba lekgolo, mme a mmotsa hore na o se a hlile a shwele.
45. Hoba a utlwe ka molaodi, a lokollela Josefa setopo.
46. Yare hoba a reke lesela, a fanyolla setopo, a nto se phuthela ka lesela leo, a se bea lebitleng le betlilweng lefikeng, a phikolosetsa lejwe monyakong wa lebitla.
47. Maria wa Magadala le Maria mma Joseta ba ne ba shebeletse, mme ba bona moo a bewang teng.