Mareka 15:32-46 BIBELE (SSO89SO)

32. Kreste, kgosi ya Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong jwale, e le hore re bone, mme re dumele!” Le bona ba thakgisitsweng le yena ba mo hlapaola.

33. Ka hora ya leshome le metso e mmedi, lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro.

34. Yaba ka hora ya boraro Jesu o meketsa ka lentswe le phahameng, o re: “Eloi, Eloi, lema sabakthani?” e leng ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”

35. Ba bang ba neng ba eme moo, ha ba mo utlwa, ba re: “Utlwang, o bitsa Elia!”

36. E mong wa bona a phakisa a matha, a ina semonyametsi aseneng, a se hloma leqaleng, mme a mo nea hore a nwe, a re: “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo fanyolla.”

37. Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a neela moya.

38. Yaba lesira la Tempele le taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase.

39. Molaodi wa ba lekgolo ya emeng malebana le Jesu, ha a bona kamoo a neetseng moya kateng, a re: “Kannete motho enwa e ne e le Mora wa Modimo.”

40. Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le thokwana; hara bona ho ena le Maria wa Magadala, Maria mma Jakobo e monyenyane, le Joseta, le Salome,

41. ba neng ba latela Jesu ba ntse ba mo sebeletsa ha a le Galelea, le basadi ba bang ba bangata ba neng ba nyolohetse le yena Jerusalema.

42. Ha e se e le mantsiboya, kaha e ne e le letsatsi la Tlhekelo, ke ho re le etellang Sabatha pele,

43. ha tla Josefa wa Arimathea, setho se hlomphehang sa lekgotla, eo le yena a neng a lebeletse Mmuso wa Modimo, a beta pelo, a kena ha Pilato, a kopa setopo sa Jesu.

44. Pilato a makala ha a utlwa hore o se a shwele, a ba a bitsa molaodi wa ba lekgolo, mme a mmotsa hore na o se a hlile a shwele.

45. Hoba a utlwe ka molaodi, a lokollela Josefa setopo.

46. Yare hoba a reke lesela, a fanyolla setopo, a nto se phuthela ka lesela leo, a se bea lebitleng le betlilweng lefikeng, a phikolosetsa lejwe monyakong wa lebitla.

Mareka 15