Mareka 15:22-33 BIBELE (SSO89SO)

22. Ba mo isa sebakeng se bitswang Gologotha, e leng ho bolela Sebaka sa Lehata.

23. Ba mo fa veine e tswakilweng ka mmira, empa yena a e hana.

24. Ba mo thakgisa,mme ba arolelana diaparo tsa haeba di arolelana ka lothoho bona hore na mango tla nka eng ho tsona.

25. E ne e ka ba hora ya borobong, hoseng, ha ba mo thakgisa.

26. Lengolo le bolelang molato wa hae le ne le ngotswe tjena: KGOSI YA BAJUDA.

27. Dinokwane tse pedi tsa thakgiswa le yena, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.

28. Ha ba ha phethahala Mangolo a reng: “O baleletswe le ba kgopo.”

29. Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho, ba re: “Aha! Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo,

30. ipholose he, ka ho theoha sefapanong!”

31. Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao ba ne ba buisana, ba mo soma, ba re: “O pholositse ba bang, empa yena o sitwa ho ipholosa!

32. Kreste, kgosi ya Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong jwale, e le hore re bone, mme re dumele!” Le bona ba thakgisitsweng le yena ba mo hlapaola.

33. Ka hora ya leshome le metso e mmedi, lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro.

Mareka 15