Mareka 15:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. E sa le kameso, hoba baprista ba baholo ba rerisane le baholo, le Ditsebi tsa Molao, le lekgotla lohle, ba tlama Jesu, ba mo kganna, ba mo neela Pilato.

2. Pilato a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?”Yena a mo araba, a re: “Wena o rialo.”

3. Baprista ba baholo ba mo qosa ka tse ngata.

4. Pilato a boela a mmotsa, a re: “Na ha o arabe letho? Bona kamoo ba o qosang ka tse ngata kateng.”

5. Empa Jesu a se ke a hlola a araba letho, hoo Pilato a bileng a makala.

6. Ka mokete Pilato o ne a tlwaetse ho ba lokollela motlamuwa e mong, eo ba mo kopang.

7. Jwale ho ne ho le teng ya bitswang Barabase, ya neng a tshwerwe mmoho le ba neng ba fetohetse mmuso, ba bile ba bolaile motho nakong ya moferefere oo.

Mareka 15