66. Yare ha Petrose a ntse a le katlase, lebaleng, le leng la makgabunyane a Moprista e Moholo la fihla.
67. Ha le bona Petrose a ntse a ikomosa, la mo tadimisisa, la re:“Le wena o no ena le Jesu wa Nasaretha.”
68. A latola, a re: “Ha ke tsebe, ebile ha ke utlwisise seo o se bolelang!” Yaba o tswela kantle, o leba monyako, mme mokoko wa lla.
69. Ha lekgabunyane leo le mmona, la boela la qala hape ho re ho ba neng ba eme moo: “Enwa ke e mong wa bona.”
70. A latola hape.Hamoraonyana, ba neng ba eme moo ba boela ba re ho Petrose: “Kannete o e mong wa bona, etswe o Mogalelea.”
71. Ya eba moo a qalang ho rohakana le ho hlapanya, a re: “Ha ke tsebe motho eo le mmolelang.”
72. Hanghang mokoko wa lla kgetlo la bobedi. Petrose a hopola polelo eo Jesu a neng a mmoleletse yona, e reng: “Mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.” A lla habohloko.