56. Ba bangata ba ne ba mo qosa ka bopaki ba leshano, empa bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane.
57. Yaba ba bang ba a ema, ba mo qosa ka bopaki ba leshano, ba re:
58. “Re mo utlwile a re: <Ke tla qhaqha Tempele ena e hahilweng ke batho, mme ka matsatsi a mararo ke hahe e nngwe e sa hahwang ke batho!> ”
59. Empa esita le hona moo bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane.
60. Moprista e Moholo a ema kapela bona, a botsa Jesu, a re: “Na ha o arabe letho hodima tseo ba o qosang ka tsona?”
61. Empa yena a kgutsa, a se ke a araba letho.Moprista e Moholo a mmotsa hape, a re: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokehang?”
62. Jesu a re: “Ke yena;“mme le tla bona Mora Mothoa dutse letsohong le letonala Ya Matla,mme a etla ka maru a lehodimo.”
63. Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “Re sa hlokelang dipaki?
64. Le ikutlwetse nyefolo! Le bona jwang?”Bohle ba mo ahlola ka ho re o tshwanelwa ke lefu.
65. Ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ho mo kgurumetsa sefahleho, ho mo otla ka ditebele, ba re ho yena: “Porofeta!” Le bona balebedi ba ne ba mo jabela.
66. Yare ha Petrose a ntse a le katlase, lebaleng, le leng la makgabunyane a Moprista e Moholo la fihla.
67. Ha le bona Petrose a ntse a ikomosa, la mo tadimisisa, la re:“Le wena o no ena le Jesu wa Nasaretha.”
68. A latola, a re: “Ha ke tsebe, ebile ha ke utlwisise seo o se bolelang!” Yaba o tswela kantle, o leba monyako, mme mokoko wa lla.
69. Ha lekgabunyane leo le mmona, la boela la qala hape ho re ho ba neng ba eme moo: “Enwa ke e mong wa bona.”
70. A latola hape.Hamoraonyana, ba neng ba eme moo ba boela ba re ho Petrose: “Kannete o e mong wa bona, etswe o Mogalelea.”