Mareka 14:48-61 BIBELE (SSO89SO)

48. Jesu a bua, a re ho bona: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le ka dikoto tjee?

49. Ke nnile ka ba le lona ka matsatsi, ke ruta ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara. Empa eka kgona Mangolo a phethahale.”

50. Bohle ba mo siya ba baleha.

51. Mohlankana e mong o ne a mo latela, a itshophile ka lesela feela, mme ba mo tshwara.

52. Empa yena a monyoha leseleng, a baleha a le feela.

53. Yaba ba isa Jesu ho Moprista e Moholo, mme baprista ba baholo bohle, le baholo, le Ditsebi tsa Molao ba kopana.

54. Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla kahare ha Moprista e Moholo. A dula le balebedi mollong, a ikomosa.

55. Baprista ba baholo le lekgotla kaofela ba batla bopaki bo ka tswang Jesu, hore ba tle ba mmolaye, empa ha ba a ka ba bo fumana.

56. Ba bangata ba ne ba mo qosa ka bopaki ba leshano, empa bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane.

57. Yaba ba bang ba a ema, ba mo qosa ka bopaki ba leshano, ba re:

58. “Re mo utlwile a re: <Ke tla qhaqha Tempele ena e hahilweng ke batho, mme ka matsatsi a mararo ke hahe e nngwe e sa hahwang ke batho!> ”

59. Empa esita le hona moo bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane.

60. Moprista e Moholo a ema kapela bona, a botsa Jesu, a re: “Na ha o arabe letho hodima tseo ba o qosang ka tsona?”

61. Empa yena a kgutsa, a se ke a araba letho.Moprista e Moholo a mmotsa hape, a re: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokehang?”

Mareka 14