37. A tla, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Simone, o robetse? Na o sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe?
38. Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”
39. A tloha hape ho bona, mme a rapela, a pheta mantswe wona ane.
40. Ha a kgutlela ho bona hape, a fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima ke boroko. Ba ne ba sa tsebe hore na ba ka mo araba jwang.
41. Ha a kgutlela ho bona kgetlo la boraro, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Ho lekane. Nako e fihlile. Bonang, Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.
42. Tsohang, a re yeng, ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”
43. A re a sa bua, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le letshwele le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo.
44. Ya ekang Jesu o ne a ba neile pontsho, a re: “Eo ke tla mo aka, ke yena; le mo tshware, le mo kganne, a se ke a phonyoha.”
45. Hanghang ha a fihla, a toba Jesu, a re: “Moruti!” Yaba o a mo aka.
46. Jwale ba mo tshwara.
47. E mong wa ba neng ba eme moo a hula sabole ya hae, a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe.
48. Jesu a bua, a re ho bona: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le ka dikoto tjee?
49. Ke nnile ka ba le lona ka matsatsi, ke ruta ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara. Empa eka kgona Mangolo a phethahale.”
50. Bohle ba mo siya ba baleha.
51. Mohlankana e mong o ne a mo latela, a itshophile ka lesela feela, mme ba mo tshwara.