Mareka 14:26-37 BIBELE (SSO89SO)

26. Hoba ba bine sefela, ba tswa, ba ya Thabeng ya Mehlwaare.

27. Yaba Jesu o re ho bona: “Bohle le tla kweneha, hobane ho ngotswe, ho thwe:“ <Ke tla otla modisa,mme dinku di tla qhalana.>

28. “Empa ha ke se ke tsohile bafung, ke tla le etella pele ho ya Galelea.”

29. Petrose a re ho yena: “Leha bohle ba ka kweneha, nna nke ke!”

30. Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore kajeno, bosiung bona, etlare mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.”

31. Petrose a mpa a bua ka matla, a re: “Leha eba ke tlameha ho shwa le wena, ha nka ke ka o latola.” Bohle le bona ba bua jwalo.

32. Yaba ba ya serapeng seo lebitso la sona e leng Gethesemane, mme Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Dulang mona ha ke ntse ke rapela.”

33. A tsamaya le Petrose, le Jakobo le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tshwenyeha.

34. Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe.”

35. A ya pejana, a itihela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etsahala, motsotso oo o tle o mo fete.

36. A re: “Abba, Ntate, ha ho letho le ka o sitang: ako tlose senwelo sena pela ka! Empa ho etswe se ratwang ke wena, e seng ke nna!”

37. A tla, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Simone, o robetse? Na o sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe?

Mareka 14