Mareka 14:12-25 BIBELE (SSO89SO)

12. Ka letsatsi la pele la mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ha ho hlajwa dikonyana tsa Paseka, barutuwa ba Jesu ba re ho yena: “O rata ha re ya o lokisetsa ho jela Paseka kae?”

13. Yaba o roma barutuwa ba babedi, a re ho bona: “Eyang motseng, mme le tla kgahlana le monna ya jereng nkgo ya metsi; mo lateleng.

14. Moo a kenang teng, le re ho monga ntlo: <Moruti o re: Kamore eo nka jelang Paseka ho yona mmoho le barutuwa ba ka, e kae?>

15. O tla le bontsha kamore e kahodimo, e lokisitsweng, e kgolo, e nang le thepa. Le re lokisetse hona teng.”

16. Barutuwa ba tloha, ba ya motseng, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse, mme ba lokisetsa Paseka.

17. Mantsiboya Jesu a tla le ba leshome le metso e mmedi.

18. Ha ba ntse ba dutse ba eja, Jesu a re: “Kannete ke a le bolella hore e mong wa lona ya jang le nna, o tla nkeka.”

19. Ba qala ho swaba, mme ba re ho yena ka bomong: “Na ke nna?”

20. A re ho bona: “Ke e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya kenyang letsoho le nna ka sejaneng.

21. Ruri Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”

22. Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, mme hoba a boke, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Nkang: hona ke mmele wa ka.”

23. A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, mme bohle ba nwela ho sona.

24. A re ho bona: “Hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata.

25. Kannete ke a le bolella, ha nka ke ka hlola ke enwa se tswang tholwaneng ya morara, ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa se le setjha Mmusong wa Modimo.”

Mareka 14