Mareka 14:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,

2. kaha ba ne ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.”

3. Yare ha Jesu a le Bethania ha Simone wa molepera, mme a dutse dijong, ha tla mosadi ya nang le pitsana e tletseng setlolo sa nareta ya sebele, se theko e phahameng. A thua pitsana, a se tshela hloohong ya Jesu.

4. Empa ba bang ba ipelaetsa, mme ba buisana, ba re: “Tshenyo ee ya setlolo e etsetswang?

5. Setlolo sena se ka be se rekisitswe didenare tse fetang makgolo a mararo, mme tsa abelwa mafutsana.” Ba omanya mosadi eo.

6. Jesu a re ho bona: “Mo leseng! Le mo nyahamisetsang pelo? O nketseditse ketso e molemo.

7. Mafutsana le na le wona kamehla, mme le ka a etsetsa molemo neng le neng ha le rata; athe nna le ke ke la ba le nna kamehla.

8. O entse sohle seo a neng a ka se etsa: o se a tlotseditse mmele wa ka kepelo.

9. Kannete ke a le bolella, hohle lefatsheng moo molaetsa ona o molemo o tla phatlalatswa teng, seo a se entseng se tla bolelwa, e be seo a hopolwang ka sona.”

10. Yaba Judase Isekariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ya ho baprista ba baholo, hore a tle a ba neele Jesu.

11. Bona ha ba utlwa ba thaba, mme ba mo tshepisa ho mo fa tjhelete. Jwale a batla monyetla wa ho ba neela yena.

Mareka 14