Mareka 13:3-19 BIBELE (SSO89SO)

3. Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, malebana le Tempele, Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease ba mmotsa boinotshing, ba re:

4. “Ako re bolelle: Dintho tseo di tla etsahala neng? Pontsho e tla be efe ha tseo tsohle di phethahala?”

5. Jesu a qala ho re ho bona: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe.

6. Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: <Ke nna,> mme ba tla kgelosa ba bangata.

7. Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.

8. Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata, le ditlala tsa sekoboto. Tsena ke qaleho ya ditlokotsi.

9. “Ha e le lona, hlokomelang! Ba tla neelana ka lona makgotleng, le tla shapuwa matlung a thapelo, le emiswe kapela babusisi le mahosi ka baka la ka, e be bopaki ho bona.

10. Eka kgona molaetsa o molemo o phatlalatswe ho ditjhaba tsohle pele.

11. Ha ba le tshwara, ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya e sa le pele hore na le tla reng, le mpe le bolele seo le se newang ka nako eo, hobane hase lona le tla bua, empa ke Moya o Halalelang.

12. “Motho o tla ekelwa lefu ke ngwanabo, le ngwana ke ntatae, mme bana ba tla fetohela batswadi, ba ba bolaye.

13. Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, yena o tla pholoswa.

14. “Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme moo a sa lokelang, mmadi a utlwisise se bolelwang! Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng;

15. motho ya sehlohlolong sa ntlo a se ke a ba a theoha leha e le ho kena ho ntsha ho hong ka tlung ya hae;

16. le motho ya masimong a se ke a ba a kgutlela hae ho ya lata seaparo sa hae.

17. Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao!

18. Rapelang hore tseo di se ke tsa etsahala mariha,

19. hobane matsatsing ao ho tla ba le ditlokotsi tseo ho esong ho be teng tse jwalo, ho tloha tshimolohong ya dintho tseo Modimo a di bopileng ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.

Mareka 13