Mareka 13:24-37 BIBELE (SSO89SO)

24. “Empa matsatsing ao,kamorao ho ditlokotsi tsena,letsatsi le tla fifala,kgwedi ha e na ho bonesa;

25. dinaledi di tla wa lehodimong,mabotho a leng mahodimonga tla tsukutleha.

26. “Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le marung, ka matla a maholo le ka tlotla.

27. O tla roma mangeloi a hae, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lafatshe, ba etswa pheletsong ya lefatshe, ho isa pheletsong ya lehodimo.

28. “Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi.

29. Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena di etsahala, tsebang hore o haufi, o monyako.

30. Kannete ke a le bolella, moloko ona o ke ke wa fela tseo tsohle di eso etsahale.

31. Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.

32. “Empa letsatsi leo kapa hora eo, ha ho ya di tsebang; esita le mangeloi a lehodimong kapa Mora ha a tsebe, haese Ntate.

33. Hlokomelang, le fadimehe, hobane ha le tsebe hore na nako eo e tla tla neneng.

34. Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela.

35. “Ha ho le jwalo fadimehang, hobane ha le tsebe hore na monga ntlo o tla tla neneng, mantsiboya kapa ka seroko, ka dialla kapa kameso,

36. esere mohlomong a le tsometsa, a le fumana le robetse.

37. Jwale seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Fadimehang!”

Mareka 13