Mareka 13:11-28 BIBELE (SSO89SO)

11. Ha ba le tshwara, ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya e sa le pele hore na le tla reng, le mpe le bolele seo le se newang ka nako eo, hobane hase lona le tla bua, empa ke Moya o Halalelang.

12. “Motho o tla ekelwa lefu ke ngwanabo, le ngwana ke ntatae, mme bana ba tla fetohela batswadi, ba ba bolaye.

13. Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, yena o tla pholoswa.

14. “Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme moo a sa lokelang, mmadi a utlwisise se bolelwang! Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng;

15. motho ya sehlohlolong sa ntlo a se ke a ba a theoha leha e le ho kena ho ntsha ho hong ka tlung ya hae;

16. le motho ya masimong a se ke a ba a kgutlela hae ho ya lata seaparo sa hae.

17. Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao!

18. Rapelang hore tseo di se ke tsa etsahala mariha,

19. hobane matsatsing ao ho tla ba le ditlokotsi tseo ho esong ho be teng tse jwalo, ho tloha tshimolohong ya dintho tseo Modimo a di bopileng ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.

20. Hojane Morena ha a tlo kgutsufatsa nako eo, ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa o kgutsufaditse nako eo ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng.

21. “Mohlang oo haeba motho a ka re ho lona: <Bona, Kreste ke enwa! Bona, Kreste ke eo!> le se ke la ba la dumela.

22. Bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso, hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.

23. Empa lona, hlokomelang: Ke le boleletse tsohle e sa le pele.

24. “Empa matsatsing ao,kamorao ho ditlokotsi tsena,letsatsi le tla fifala,kgwedi ha e na ho bonesa;

25. dinaledi di tla wa lehodimong,mabotho a leng mahodimonga tla tsukutleha.

26. “Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le marung, ka matla a maholo le ka tlotla.

27. O tla roma mangeloi a hae, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lafatshe, ba etswa pheletsong ya lefatshe, ho isa pheletsong ya lehodimo.

28. “Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi.

Mareka 13