Mareka 13:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Jesu a etswa ka Tempeleng, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Moruti, ako bone: ke majwe a makaakang le mehaho e makaakang!”

2. Jesu a mo araba, a re: “O a e bona mehaho e meholo ee? Ha ho na lejwe le tla sala hodima lejwe le leng le sa heletswa.”

3. Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, malebana le Tempele, Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease ba mmotsa boinotshing, ba re:

4. “Ako re bolelle: Dintho tseo di tla etsahala neng? Pontsho e tla be efe ha tseo tsohle di phethahala?”

5. Jesu a qala ho re ho bona: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe.

6. Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: <Ke nna,> mme ba tla kgelosa ba bangata.

7. Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.

8. Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata, le ditlala tsa sekoboto. Tsena ke qaleho ya ditlokotsi.

9. “Ha e le lona, hlokomelang! Ba tla neelana ka lona makgotleng, le tla shapuwa matlung a thapelo, le emiswe kapela babusisi le mahosi ka baka la ka, e be bopaki ho bona.

Mareka 13