24. Jesu a re ho bona: “Na ha le lahlehe ke hobane le sa tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo?
25. Ha batho ba tsoha bafung, ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi mahodimong.
26. Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: <Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?>
27. Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang. Le lahlehile hampe.”
28. E mong wa Ditsebi tsa Molao, ya neng a ba mametse ha ba pheile kgang, mme a bona hore Jesu o ba arabile hantle, a tla ho yena, a mmotsa, a re: “Taelo ya pele ho tsohle ke efe?”
29. Jesu a araba, a re: “Ya pele ke e reng: <Mamela Iseraele! Morena Modimo wa rona ke yena feela Morena,
30. mme o rate Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, le ka matla a hao wohle.>
31. Ya bobedi ke ena: <Rata mohaeno jwalokaha o ithata.> Ha ho taelo e nngwe e kgolo ho feta tsena.”
32. Setsebi sa Molao sa re ho yena: “O nepile, Moruti, o buile nnete ha o re, <Modimo o mong, ha ho e mong kantle ho yena,>
33. mme <ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,> ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.”
34. Jesu ha a bona hore o arabile ka bohlale, a re ho yena: “Ha o hole le Mmuso wa Modimo.” Ha ho a ka ha hlola ho eba le ya betang pelo ho mmotsa.
35. Jesu ha a ntse a ruta ka Tempeleng, a botsa, a re: “Ditsebi tsa Molao di bolela jwang hore Kreste ke Mora wa Davida?
36. Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re:“ <Morena o itse ho Morena wa ka:Dula ka letsohong la ka le letona,ho fihlela ke bea dira tsa haokatlasa maoto a hao.>
37. “Davida ka boyena o mmitsa Morena. Jwale e ka ba mora wa hae jwang?”Letshwelehadi le ne le thabela ho mo mamela.
38. Thutong ya hae Jesu a re: “Hlokomelang Ditsebi tsa Molao! Ke batho ba ratang ho itsamaela ka diaparo tse phuphuthang le ho dumediswa mabaleng a metse;
39. ba batlang ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo le ditulo tse kapele meketeng;
40. ba hapang matlo a basadi ba bahlolohadi, leha ba ntse ba etsa dithapelo tse telele tsa boikaketsi. Ba tla ahlolwa ka ho fetisisa.”
41. Jesu a ya dula malebana le letlole la matlotlo, a tadima kamoo letshwele le nokelang tjhelete letloleng kateng. Barui ba bangata ba ne ba nokela e ngata.