14. Ba fihla, ba re ho yena: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, le hore ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe? Na re ka le ntsha, kapa re ke ke ra le ntsha?”
15. Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: “Le ntekelang? Ntlisetseng tjhelete ya denare, nke ke e bone.”
16. Ba e tlisa. A re ho bona: “Setshwantsho see, le mongolo oo, ke tsa mang?”Ba re ho yena: “Ke tsa Sesare.”
17. Yaba Jesu o re ho bona: “Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo,” mme ba mo tsota.
18. Jwale Basaduke, ba neng ba re ha ho tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re:
19. “Moruti, Moshe o re ngoletse hore ha ngwanabo monna a eshwa, mme a siya mohlolohadi a se na bana, ngwanabo a kenele mohlolohadi eo, mme a tswalle ngwanabo bana.
20. Ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng. Wa pele a nyala mosadi, empa a shwa a se na bana.
21. Wa bobedi a mo kenela; a shwa a se na bana. Ha eba jwalo le ho wa boraro.
22. Ka bosupa ba bona ha ba a ka ba eba le bana. Kamorao ho bohle le yena mosadi a shwa.
23. Mohla tsoho ya bafu, ha ba tsoha, mosadi eo e tla ba wa mang ho bona, kaha ba ne ba mo nyetse ka bosupa ba bona?”
24. Jesu a re ho bona: “Na ha le lahlehe ke hobane le sa tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo?
25. Ha batho ba tsoha bafung, ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi mahodimong.
26. Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: <Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?>
27. Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang. Le lahlehile hampe.”
28. E mong wa Ditsebi tsa Molao, ya neng a ba mametse ha ba pheile kgang, mme a bona hore Jesu o ba arabile hantle, a tla ho yena, a mmotsa, a re: “Taelo ya pele ho tsohle ke efe?”