Mareka 12:14-24 BIBELE (SSO89SO)

14. Ba fihla, ba re ho yena: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, le hore ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe? Na re ka le ntsha, kapa re ke ke ra le ntsha?”

15. Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: “Le ntekelang? Ntlisetseng tjhelete ya denare, nke ke e bone.”

16. Ba e tlisa. A re ho bona: “Setshwantsho see, le mongolo oo, ke tsa mang?”Ba re ho yena: “Ke tsa Sesare.”

17. Yaba Jesu o re ho bona: “Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo,” mme ba mo tsota.

18. Jwale Basaduke, ba neng ba re ha ho tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re:

19. “Moruti, Moshe o re ngoletse hore ha ngwanabo monna a eshwa, mme a siya mohlolohadi a se na bana, ngwanabo a kenele mohlolohadi eo, mme a tswalle ngwanabo bana.

20. Ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng. Wa pele a nyala mosadi, empa a shwa a se na bana.

21. Wa bobedi a mo kenela; a shwa a se na bana. Ha eba jwalo le ho wa boraro.

22. Ka bosupa ba bona ha ba a ka ba eba le bana. Kamorao ho bohle le yena mosadi a shwa.

23. Mohla tsoho ya bafu, ha ba tsoha, mosadi eo e tla ba wa mang ho bona, kaha ba ne ba mo nyetse ka bosupa ba bona?”

24. Jesu a re ho bona: “Na ha le lahlehe ke hobane le sa tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo?

Mareka 12