12. Jwale ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba letshwele, hobane ba ne ba utlwisisa hore ka setshwantsho sena o bolela bona. Ba mo tlohela, ba ikela.
13. Yaba ba romela ba bang ba Bafarisi le balatedi ba Heroda ho Jesu, hore ba tle ba mo tshwase ka dipuo tsa hae.
14. Ba fihla, ba re ho yena: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, le hore ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe? Na re ka le ntsha, kapa re ke ke ra le ntsha?”
15. Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: “Le ntekelang? Ntlisetseng tjhelete ya denare, nke ke e bone.”
16. Ba e tlisa. A re ho bona: “Setshwantsho see, le mongolo oo, ke tsa mang?”Ba re ho yena: “Ke tsa Sesare.”