Mareka 12:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Jesu a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Motho o ile a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.

2. Yare ha nako e fihlile, a romela mohlanka ho balemi, hore a bokelle ho bona seabo sa hae sa kotulo.

3. Ba mo tshwara, ba mo kgakgatha, mme ba mo kgutlisa a se na letho.

4. A boela a romela mohlanka e mong ho bona; eo ba mmata hloohong, mme ba mo tlontlolla.

5. A romela e mong, yena ba mmolaya; le ba bang ba bangata, bao ba ileng ba kgakgatha ba bang ho bona, ba bolaya ba bang.

6. “O ne a saletswe ke motho a le mong feela, mora eo a mo ratang. A mo romela ho bona e le wa ho qetela, a re: <Ba tla hlompha mora wa ka.>

7. “Empa balemi bao ba buisana, ba re: <Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.>

8. Ba mo tshwara, ba mmolaya, mme ba mo lahlela kantle ho tshimo ya morara.

9. “Jwale na monga tshimo o tla etsa jwang? O tla tla, mme a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang.

10. Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng:“ <Lejwe le lahlilweng ke dihahile fetohile lejwe la mantlha.

11. Ke Morena ya entseng hona,mme mahlong a rona ke mohlolo?> ”

12. Jwale ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba letshwele, hobane ba ne ba utlwisisa hore ka setshwantsho sena o bolela bona. Ba mo tlohela, ba ikela.

Mareka 12