6. Ba ba araba jwalokaha Jesu a ne a ba laetse, mme bona ba ba tlohela, ba tsamaya.
7. Yaba ba tlisa petsana ho Jesu, ba ala diaparo tsa bona hodima yona, mme a e palama.
8. Jwale ba bangata ba ala diaparo tsa bona tseleng, ba bang ba rema mahlaku naheng, mme ba a ala tseleng.
9. Ba neng ba mo eteletse pele le ba neng ba etla kamorao, ba howa, ba re:“Hosanna!Ho bokweya tlang ka lebitso la Morena!
10. Ho bokwe mmuso o tlangwa ntata rona Davida!Hosanna mahodimonga hodimodimo!”
11. Yaba Jesu o kena Jerusalema, ka Tempeleng; hoba a qamake kahohle, kaha e ne e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.
12. Ka la hosasane, ha ba etswa Bethania, Jesu a ikutlwa a lapile.
13. A sa le hole, a bona sefate sa feiye se nang le mahlaku, mme a ya sheba hore na a ke ke a fumana ho hong ho sona. Empa ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho haese mahlaku feela, hobane e ne e se nako ya difeiye.
14. A bua, a re ho sona: “Ho se hlole ho eba le ya ka jang tholwana tsa hao le ka mohla!” Barutuwa ba hae ba mo utlwa ha a rialo.
15. Yaba ba fihla Jerusalema. Jesu a kena ka Tempeleng, mme a qala ho phahla bohle ba neng ba reka, ba rekisetsa ka ho yona; a phethola ditafole tsa baananyi ba ditjhelete, le ditulo tsa ba rekisang maeba,
16. mme a se ke a dumella motho ho feta ka Tempeleng a jere letho.
17. A ruta, a re ho bona: “Ana ha ho a ngolwa, ha thwe:“ <Ntlo ya ka e tla bitswantlo ya thapeloeo e leng ya ditjhaba tsohle>?Empa lona le e entse<lehaha la dinokwane!> ”