Mareka 11:25-33 BIBELE (SSO89SO)

25. Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.

26. Athe ha le sa tshwarele, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.”

27. Ba boela ba tla Jerusalema. Yare ha a ntse a tsamaya ka Tempeleng, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba tla ho yena,

28. mme ba re ho yena: “Ke ka matla afe o etsang dintho tsee? Hona matla a ho di etsa, o a neilwe ke mang?”

29. Jesu a re ho bona: “Ke tla le botsa potso e le nngwe. Le nkarabe, mme ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.

30. Na kolobetso ya Johanne e ne e etswa lehodimong kapa bathong? Nkarabeng!”

31. Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, <E ne e etswa lehodimong,> o tla re, <Ke ka baka lang le sa kang la mo dumela?>

32. Empa ha re ka re, <E ne e etswa bathong,> ” ba ne ba tshaba letshwele, hobane bohle ba ne ba tadima Johanne e le moporofeta wa sebele.

33. Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.”Jesu a re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.”

Mareka 11