23. Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: <Sutha, o yo wela lewatleng,> a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.
24. Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang ka thapelo, dumelang hore le se le di amohetse, mme le tla di etsetswa.
25. Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.
26. Athe ha le sa tshwarele, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.”
27. Ba boela ba tla Jerusalema. Yare ha a ntse a tsamaya ka Tempeleng, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba tla ho yena,
28. mme ba re ho yena: “Ke ka matla afe o etsang dintho tsee? Hona matla a ho di etsa, o a neilwe ke mang?”
29. Jesu a re ho bona: “Ke tla le botsa potso e le nngwe. Le nkarabe, mme ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.