Mareka 11:10-21 BIBELE (SSO89SO)

10. Ho bokwe mmuso o tlangwa ntata rona Davida!Hosanna mahodimonga hodimodimo!”

11. Yaba Jesu o kena Jerusalema, ka Tempeleng; hoba a qamake kahohle, kaha e ne e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.

12. Ka la hosasane, ha ba etswa Bethania, Jesu a ikutlwa a lapile.

13. A sa le hole, a bona sefate sa feiye se nang le mahlaku, mme a ya sheba hore na a ke ke a fumana ho hong ho sona. Empa ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho haese mahlaku feela, hobane e ne e se nako ya difeiye.

14. A bua, a re ho sona: “Ho se hlole ho eba le ya ka jang tholwana tsa hao le ka mohla!” Barutuwa ba hae ba mo utlwa ha a rialo.

15. Yaba ba fihla Jerusalema. Jesu a kena ka Tempeleng, mme a qala ho phahla bohle ba neng ba reka, ba rekisetsa ka ho yona; a phethola ditafole tsa baananyi ba ditjhelete, le ditulo tsa ba rekisang maeba,

16. mme a se ke a dumella motho ho feta ka Tempeleng a jere letho.

17. A ruta, a re ho bona: “Ana ha ho a ngolwa, ha thwe:“ <Ntlo ya ka e tla bitswantlo ya thapeloeo e leng ya ditjhaba tsohle>?Empa lona le e entse<lehaha la dinokwane!> ”

18. Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba utlwa hona, ba batla hore na ba ka mo timetsa jwang. Ba ne ba mo tshaba, kaha letshwele lohle le ne le hlollwa ke thuto ya hae.

19. Yare ha e eba mantsiboya, Jesu le barutuwa ba hae ba tswela kantle ho motse.

20. Ha ba feta kameso, ba bona sefate sane sa feiye se omeletse ho tloha metsong.

21. Petrose ha a hopola, a re ho Jesu: “Moruti, bona sefate sa feiye seo o se rohakileng, se omeletse!”

Mareka 11