Mareka 11:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha ba atamela Jerusalema, Bethefage le Bethania, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma ba babedi ba barutuwa ba hae,

2. a re ho bona: “Eyang motsaneng o kapele ho lona, mme hanghang ha le kena ho wona, le tla fumana petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho le ka mohla. Le e lokolle, le e tlise.

3. Ha motho a ka re ho lona: <Keng ha le etsa tjee?> ereng: <Morena o a e hloka, mme o tla e kgutlisetsa kwano kapelepele!> ”

4. Ba ya, mme ba fumana petsana e holehilwe, kantle, pela monyako, tseleng ya motse, mme ba e lokolla.

5. Batho ba bang ba neng ba eme moo ba re ho bona: “Le etsang na, ha le lokolla petsana eo?”

6. Ba ba araba jwalokaha Jesu a ne a ba laetse, mme bona ba ba tlohela, ba tsamaya.

7. Yaba ba tlisa petsana ho Jesu, ba ala diaparo tsa bona hodima yona, mme a e palama.

8. Jwale ba bangata ba ala diaparo tsa bona tseleng, ba bang ba rema mahlaku naheng, mme ba a ala tseleng.

9. Ba neng ba mo eteletse pele le ba neng ba etla kamorao, ba howa, ba re:“Hosanna!Ho bokweya tlang ka lebitso la Morena!

Mareka 11