1. Ha ba atamela Jerusalema, Bethefage le Bethania, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma ba babedi ba barutuwa ba hae,
2. a re ho bona: “Eyang motsaneng o kapele ho lona, mme hanghang ha le kena ho wona, le tla fumana petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho le ka mohla. Le e lokolle, le e tlise.
3. Ha motho a ka re ho lona: <Keng ha le etsa tjee?> ereng: <Morena o a e hloka, mme o tla e kgutlisetsa kwano kapelepele!> ”
4. Ba ya, mme ba fumana petsana e holehilwe, kantle, pela monyako, tseleng ya motse, mme ba e lokolla.
5. Batho ba bang ba neng ba eme moo ba re ho bona: “Le etsang na, ha le lokolla petsana eo?”
6. Ba ba araba jwalokaha Jesu a ne a ba laetse, mme bona ba ba tlohela, ba tsamaya.
7. Yaba ba tlisa petsana ho Jesu, ba ala diaparo tsa bona hodima yona, mme a e palama.
8. Jwale ba bangata ba ala diaparo tsa bona tseleng, ba bang ba rema mahlaku naheng, mme ba a ala tseleng.
9. Ba neng ba mo eteletse pele le ba neng ba etla kamorao, ba howa, ba re:“Hosanna!Ho bokweya tlang ka lebitso la Morena!
10. Ho bokwe mmuso o tlangwa ntata rona Davida!Hosanna mahodimonga hodimodimo!”
11. Yaba Jesu o kena Jerusalema, ka Tempeleng; hoba a qamake kahohle, kaha e ne e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.
12. Ka la hosasane, ha ba etswa Bethania, Jesu a ikutlwa a lapile.