8. mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe; kahoo ha ba sa le babedi, empa e se e le ntho e le nngwe.
9. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.”
10. Ha ba se ba le ka tlung hape, barutuwa ba hae ba mmotsa ka taba ena.
11. A re ho bona: “Mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o mo sitelwa ka ho feba,
12. mme haeba mosadi a hlala monna wa hae, a nyalwa ke e mong, o a feba.”
13. Yaba ba tlisa bana ho Jesu hore a ba ame, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.
14. Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.
15. Kannete ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”
16. A ba sika, a ba hlohonolofatsa ka ho ba bea matsoho.
17. Ha Jesu a tshwela tseleng, monna e mong a mathela ho yena, a kgumama kapele ho yena, a mmotsa, a re: “Moruti ya molemo, nka etsang hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?”
18. Jesu a re ho yena: “O mpitsetsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese Modimo feela.
19. O tseba melao e reng: <O se ke wa bolaya, o se ke wa feba, o se ke wa utswa, o se ke wa etseletsa motho e mong, o se ke wa qhekanyetsa, hlompha ntatao le mmao.> ”
20. A re ho yena: “Moruti, tsena tsohle ke di bolokile ho tloha botjheng ba ka.”
21. Jesu a mo tadima, mme a mo rata, a re ho yena: “O haellwa ke ntho e le nngwe: Eya, o rekise tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele!”