43. Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona. Ya batlang ho ba e moholo hara lona e tla ba mosebeletsi wa lona;
44. ya batlang ho ba wa pele hara lona e tla ba mohlanka wa bohle,
45. hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”
46. Ba fihla Jeriko. Ha Jesu a tloha Jeriko le barutuwa ba hae le letshwele, sefofu Baretimea, mora Timea, o ne a dutse pela tsela a ntsa kopa.
47. Ha a utlwa hore ke Jesu wa Nasaretha, a qala ho howa, a re: “Jesu, mora Davida, nkgauhele!”
48. Ba bangata ba ne ba mo kgalemela hore a thole, empa a eketsa ho howa haholo, a re: “Mora Davida, nkgauhele!”
49. Jesu a ema, a re: “Mmitseng!”Ba bitsa sefofu, ba re ho sona: “Beta pelo, ema, o a o bitsa!”
50. Yaba se hlobola seaparo sa sona, se tlolela hodimo, se tla ho Jesu.
51. Jesu a se araba, a re: “O rata ha ke o etsetsang?”Sefofu sa re ho yena: “Morena, nke ke boele ke bone!”
52. Jesu a re ho sona: “Eya, tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang Baretimea a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.