33. a re: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba neelane ka yena ho baditjhaba;
34. ba tla mo soma, ba mo tshwele ka mathe, ba mo shape, ba mmolaye, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.”
35. Jakobo le Johanne, bara ba babedi ba Sebedea, ba tla ho Jesu, ba re: “Moruti, re batla o re etsetse seo re tla o kopa sona.”
36. A re ho bona: “Le rata ha ke le etsetsang?”
37. Ba re ho yena: “Ako re nee hore, tlotleng ya hao, re dule e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi!”
38. Jesu a re ho bona: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke se nwang, kapa le ho kolobetswa ka kolobetso eo nna ke kolobetswang ka yona?”
39. Ba re ho yena: “Re ka etsa.”Jesu a re ho bona: “Senwelo seo ke se nwang le tla se nwa, mme kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona, le tla kolobetswa ka yona.
40. Ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi, hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng.”
41. Ha ba leshome ba utlwa hona, ba qala ho halefela Jakobo le Johanne.
42. Jesu a ba bitsa, mme a re ho bona: “Le a tseba hore ba tadingwang e le babusi ba ditjhaba ba di busa ka thata, mme ba baholo ba bona ba di tshwara ka thata.
43. Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona. Ya batlang ho ba e moholo hara lona e tla ba mosebeletsi wa lona;
44. ya batlang ho ba wa pele hara lona e tla ba mohlanka wa bohle,
45. hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”
46. Ba fihla Jeriko. Ha Jesu a tloha Jeriko le barutuwa ba hae le letshwele, sefofu Baretimea, mora Timea, o ne a dutse pela tsela a ntsa kopa.
47. Ha a utlwa hore ke Jesu wa Nasaretha, a qala ho howa, a re: “Jesu, mora Davida, nkgauhele!”
48. Ba bangata ba ne ba mo kgalemela hore a thole, empa a eketsa ho howa haholo, a re: “Mora Davida, nkgauhele!”