31. Empa ba bangata bao e leng ba pele e tla ba ba ho qetela, ba ho qetela e be ba pele.”
32. Ba ne ba le tseleng, ba nyolohela Jerusalema. Jesu o na tsamaya kapele ho bona, mme ba ne ba hloletswe; athe ha e le ba latetseng ba ne ba tshohile. Yaba o boela a nkela ba leshome le metso e mmedi kathoko, a qala ho ba bolella tse tla etsahala ka yena,
33. a re: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba neelane ka yena ho baditjhaba;
34. ba tla mo soma, ba mo tshwele ka mathe, ba mo shape, ba mmolaye, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.”
35. Jakobo le Johanne, bara ba babedi ba Sebedea, ba tla ho Jesu, ba re: “Moruti, re batla o re etsetse seo re tla o kopa sona.”
36. A re ho bona: “Le rata ha ke le etsetsang?”
37. Ba re ho yena: “Ako re nee hore, tlotleng ya hao, re dule e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi!”