Mareka 10:2-15 BIBELE (SSO89SO)

2. Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa ka ho mo leka, hore na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae.

3. A ba araba, a re: “Moshe o le laetseng?”

4. Ba re: “Moshe o ne a dumele hore ho ngolwe lengolo la tlhalo, mme ho hlalwe.”

5. Jesu a re ho bona: “O le ngoletse taelo eo ka baka la bothata ba dipelo tsa lona.

6. Empa ho tloha tshimolohong ya tlholeho Modimo o ile a etsa e motona le e motshehadi;

7. ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae a matahane le mosadi wa hae,

8. mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe; kahoo ha ba sa le babedi, empa e se e le ntho e le nngwe.

9. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.”

10. Ha ba se ba le ka tlung hape, barutuwa ba hae ba mmotsa ka taba ena.

11. A re ho bona: “Mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o mo sitelwa ka ho feba,

12. mme haeba mosadi a hlala monna wa hae, a nyalwa ke e mong, o a feba.”

13. Yaba ba tlisa bana ho Jesu hore a ba ame, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.

14. Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.

15. Kannete ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”

Mareka 10