Mareka 10:11-24 BIBELE (SSO89SO)

11. A re ho bona: “Mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o mo sitelwa ka ho feba,

12. mme haeba mosadi a hlala monna wa hae, a nyalwa ke e mong, o a feba.”

13. Yaba ba tlisa bana ho Jesu hore a ba ame, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.

14. Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.

15. Kannete ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”

16. A ba sika, a ba hlohonolofatsa ka ho ba bea matsoho.

17. Ha Jesu a tshwela tseleng, monna e mong a mathela ho yena, a kgumama kapele ho yena, a mmotsa, a re: “Moruti ya molemo, nka etsang hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?”

18. Jesu a re ho yena: “O mpitsetsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese Modimo feela.

19. O tseba melao e reng: <O se ke wa bolaya, o se ke wa feba, o se ke wa utswa, o se ke wa etseletsa motho e mong, o se ke wa qhekanyetsa, hlompha ntatao le mmao.> ”

20. A re ho yena: “Moruti, tsena tsohle ke di bolokile ho tloha botjheng ba ka.”

21. Jesu a mo tadima, mme a mo rata, a re ho yena: “O haellwa ke ntho e le nngwe: Eya, o rekise tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele!”

22. Mohlankana a kgathala matla ke polelo eo, a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo.

23. Jesu a qamaka, mme a re ho barutuwa ba hae: “Ho tla ba thata hakaakang hore ba nang le maruo ba kene Mmusong wa Modimo!”

24. Barutuwa ba hlollwa ke dipolelo tsa hae. Jesu a boela a re ho bona: “Bana ba ka, ho thata hakaakang ho kena Mmusong wa Modimo!

Mareka 10