Malakiya 4:2-6 BIBELE (SSO89SO)

2. Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.

3. Mohla tsatsi leo ke etsang tsena ka lona, le tla hatakela ba kgopo, mme ba tla ba jwaloka molora katlasa maoto a lona,” ho rialo Morena wa mabotho.

4. “Hopolong molao wa mohlanka wa ka Moshe, le ditaelo le ditemoso tseo ke neng ke mo nee tsona ha ba le Horebe, ho di tsebisa Baiseraele bohle.

5. “Bonang, ke tla le romela moporofeta Elia, letsatsi la Morena le leholo, le tshabehang, le eso fihle.

6. O tla boelanya bo-ntata le bana ba bona, ho seng jwalo ke tla tla, ke otle lefatshe ka thohako.”

Malakiya 4