8. “Na motho a ka qhekanyetsa Modimo? Empa lona le a nqhekanyetsa.“Le boetse le re: <Re o qhekanyeditse jwang?>“Le nqhekanyeditse ha ho fanwa ka karolo e le nngwe ho tse leshome, le ka dinyehelo tsa lona.
9. Lona setjhaba kaofela, le rohakehile, hobane le nqhekanyeditse.
10. Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.
11. Ke tla thibela ditsie, di se ke tsa senya dijalo tsa lona masimong, le ditholwana tsa morara wa lona di se ke tsa phutsa,” ho rialo Morena wa mabotho.
12. “Ditjhaba tsohle di tla re le lehlohonolo hobane naha ya lona e tla kgahleha haholo,” ho rialo Morena wa mabotho.
13. “Lona le mpuile hampe,” ho rialo Morena.“Empa le a mpotsa, le re: <Re o buile hampe jwang?>
14. “Le itse: <Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo. Morena wa mabotho o re buseletsa ka eng ha re phetha ditaelo tsa hae, mme re inyatsa?
15. Rona re re ya ikgohomosang ke yena ya lehlohonolo; ba etsang bokgopo ke bona ba atlehang. Ba ile ba phephetsa Modimo, empa ba se ke ba hlahelwa ke letho.> ”
16. Ba tshabang Morena ba nnile ba buisana, mme Morena a ba utlwa, a ba sekehela tsebe. Yaba bukeng e kapele ho yena ho ngolwa ba mo tshabang, ba hlomphang lebitso la hae.
17. “Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang.
18. Le tla boela le tseba hore na ya lokileng o fapane jwang le ya kgopo, ya sebeletsang Modimo o fapane jwang le ya sa mo sebeletseng.”