Malakiya 3:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. “Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.

2. Ebe ke mang ya ka tiisetsang tsa mohla letsatsi la ho tla ha hae? Hona ke mang ya ka emang a tiile ha a hlaha? Yena o jwaloka mollo wa sebopi kapa sesepa sa sehlatswi.

3. O tla dula fatshe jwaloka ya tshekang, a hlwekisa silefera. O tla hlwekisa Balevi, a ba tsheke jwaloka kgauta le silefera, ba tle ba tlisetse Morena dinyehelo tse lokelang.

4. Dinyehelo tsa Juda le tsa Jerusalema di tla amoheleha ho Morena, jwaloka mehleng ya pele, jwaloka mengwaheng ya boholoholo.

5. “Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.

6. “Ke nna Morena, ha ke fetohe; kahoo lona bana ba Jakobo, ha le eso timetswe.

7. Ho tloha mehleng ya baholoholo ba lona la na la furalla ditaelo tsa ka, la se ke la di boloka. Kgutlelang ho nna, le nna ke tla kgutlela ho lona,” ho rialo Morena wa mabotho.“Empa le a ipotsa, le re: <Re ka kgutlela jwang?>

8. “Na motho a ka qhekanyetsa Modimo? Empa lona le a nqhekanyetsa.“Le boetse le re: <Re o qhekanyeditse jwang?>“Le nqhekanyeditse ha ho fanwa ka karolo e le nngwe ho tse leshome, le ka dinyehelo tsa lona.

9. Lona setjhaba kaofela, le rohakehile, hobane le nqhekanyeditse.

10. Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.

Malakiya 3