1. “Jwale lona baprista ke a le laya.
2. Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!
3. “Ke tla timetsa ditloholo tsa lona, ke le phare mahlong ka moswang wa mahlabelo a lona a mekete; le be le lahlelwe le wona kantle.
4. Kahoo le tla tseba hore ke nna ya le neileng taelo e le hore selekane sa ka le Levi se se ke sa fela,” ho rialo Morena wa mabotho.
5. “Ke ne ke entse selekane le yena: Ka mo nea bophelo le kgotso; ka mo ruta ho ntlhompha, mme a fela a ntlhompha, a ntshaba.
6. O ile a ruta thuto ya nnete, a se ke a bua leshano. A tsamaya le nna ka kgotso le ka ho loka, mme a sokolla ba bangata sebeng.
7. “Dipolelo tsa moprista di tshwanela hore e be tse nang le tsebo, e le hore batho ba tle ba ithute ka tsona, hobane moprista ke leqosa la Morena wa mabotho.
8. Empa lona le kgelohile tsela ena, la ba la kgelosa ba bangata ka thuto ya lona; selekane sa Balevi le se fetotse lefeela,” ho rialo Morena wa mabotho.
9. “Kahoo le nna ke entse hore le nyedisehe, setjhaba sohle se le telle, hobane ha le a ka la natsa ditsela tsa ka, empa le bontshitse leeme dinyeweng.”
10. Na rona bohle ntata rona ha a mong? Na ha re a boptjwa ke Modimo a le mong? Ke ba baka lang ha re silafatsa selekane sa baholoholo ba rona ka ho hlokelana botshepehi?