9. “Jwale lona le re: <A re ipiletseng ho Morena hore a re hauhele.> Na a ka le amohela ka dinyehelo tse jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho.
10. “Hoja e mong wa lona a ka mpa a kwala mamati a Tempele, le tle le se ke la hotetsa mello e se nang thuso hodima aletare ya ka! Ha ke a le thabela ho hang!” ho rialo Morena wa mabotho. “Le nyehelo e tswang matsohong a lona ha nka ke ka e amohela.
11. Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.
12. “Empa lona le ntlontlolla ka ho bua ka tafole ya Morena, le re: <E silafetse!> Le ka dijo tsa yona le re: <Di a nyediseha!>
13. Le bile le re: <Ke ntho e tenang hakaakang!> mme le e swenyetsa dinko,” ho rialo Morena wa mabotho.“Ha le tlisa phoofolo e utswitsweng, kapa e hlotsang, kapa e kulang, mme le nnyehella ka yona, na nka e amohela matsohong a lona?” ho rialo Morena.
14. “Ho madimabe mothetsi eo ereng ha a ena le phoofolo e tona mohlapeng wa hae, e ka amohelehang, a ikane hore o tla nyehela ka yona, empa ebe o etsetsa Morena sehlabelo ka e nang le sepha! Etswe nna ke kgosi e kgolo,” ho rialo Morena wa mabotho, “mme ke lokela ho hlomphuwa hara ditjhaba.