1. Ona ke molaetsa wa Morena. Morena a bua ho Baiseraele ka molomo wa Malakiya, a re:
2. “Ke a le rata,” ho rialo Morena.“Empa lona le a mpotsa, le re: <O re bontshitse jwang hore o a re rata?>“Na Esau e ne e se ngwanabo Jakobo?” ho rialo Morena. “Leha ho le jwalo ke ile ka rata Jakobo,
3. Esau yena ka mo hloya, ka fetola dithaba tsa hae matswatlare, lefa la hae lona ka le tlohella dibatana tsa naha.”
4. Baedomo ba ka nna ba re: “Leha re ripitlilwe, re tla boela re tsosa dithako tsa rona,” empa Morena wa mabotho o bua tjena: “Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa. Ba tla bitswa Naha e Kgopo, ba bitswe setjhaba seo Morena a se halefelang kamehla.”
5. Tsena le tla di bona ka mahlo a lona, ebe le re: “Morena o moholo; boholo ba hae bo tsejwa le ka nqane ho meedi ya naha ya Iseraele!”