Maele 8:3-17 BIBELE (SSO89SO)

3. Bo howeletsabo le kgorong tsa motse,bo howeletsabo le monyako wa motse:

4. “Banna, mamelang, ke bitsa lona,ke ipiletsa ho batho bohle.

5. Lona ba se nang tseboithuteng bohlale!Lona dithoto batlang kutlwisiso!

6. Theang tsebeke le bolelle tsa bohlokwa,ke le phatlalletse tse lokileng.

7. Ke tla bua nnete feela,hobane bokgopo ke bo hloile.

8. Polelo tsohle tsa ka ke tsa nnete,thetso le bomenemeneha di yo ho tsona,

9. di utlwahala tsohleho ya nang le kelello,di nepahetse tsohleho ba nang le tsebo.

10. Inkeleng thuto ya kaho ena le silefera,ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta.

11. “Bohlale bo molemoho feta mabenyane a bohlokwa,ha ho letho le ka bapiswang le bona.

12. Nna, Bohlale, ke fana le ka masene,tsebo le tlhalohanyole tsona ke di ruile.

13. Ho tshaba Morenake ho hloya bobe,ke hloile boikgohomoso,ke hloile le boikakaso,boitshwaro bo bobe le leshanole tsona ke di hloile.

14. Boeletsi le ho ba sedile tsona ke tsa ka,kutlwisiso le matla le tsona ke tsa ka.

15. Ke ka nnakgosi di tsebang ho rena,le babusiba etsang melao e lokileng.

16. Ke ka nna mahosi le mahosanaa tsebang ho busa,le baahlodi bohleba tsebang ho ahlola.

17. Ba nthatang le nna ke a ba rata,ba mpatlangbona ba tla mphumana.

Maele 8