26. pele fatshe le eba tengle masimo a lona,pele role la lefatshele lona le eba teng.
27. Ke ne ke le tengha a bea mahodimo bakeng sa wona,a seha moedi wa loapi,a o seha hodima mawatle;
28. ha a etsa lenamola la maru,a le etsa sepakapakeng,a phunya mehlodi ya madibaa e tsitsisa;
29. ha a sehela lewatle moedi wa lona,metsi a se ke a tlola taelo ya hae;le ha a rala metheo ya lefatshe.
30. Ke ne ke le tsoho la hae le letona,ka matsatsi wohle ke mo thabisa,ke nyakaletse ke le kapele ho yena;
31. ke thabetse lefatshe e le la hae,ke thabetse le batho a ba bopile.
32. “Jwale, bana ba ka, mmameleng!Ho lehlohonoloba tsamayang tseleng tsa ka.
33. Mamelang thuto ya kale tle le hlalefe,le se ke la hana ho e mamela.
34. Ho lehlohonolomotho ya mmamelang.ya lebelang kamehlamenyakong ya ka,ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka.
35. Ya mphumanang o fumana bophelo,Morena o tla mo rekolohela.
36. Ya sa mphumaneng o ipea kotsing,bohle ba ntlhoilengbona ba rata lefu.”